Pale ya Lesedi
Tebogo Matshana
Tebogo Matshana
Ausi wa ka Lesedi ke setsokotsane sa nnete.
-
O tla kotsama setulong sa hae jwalo ka ha eka ke bere.
-
O tla ipata hodima sefate ha o ka leka ho motshwara.
1
“Theoha moo sefateng, o tla senya moriri wa hao!” ke nkgono a omana.
-
“Oho nkgono! Ke se kele lefaufaung!” ho araba Lesedi.
-
Nkgono a sisinya hlooho a sa kgolwe.
2
O ka kgolwa hore le ha pula ena ausi wa ka Lesedi o matha hara yona.
-
“Lesedi! Kena ka tlung, otla kolobisa diaparo tsa hao!” ke nkgono a hweletsa.
3
Lesedi o taka ka dijo tsa hae tsa mantsiboya mme o etsa dipudulwana ka tee ya hae.
4
O letsa moropa wa hae a be a tidinya katara ya hae ya motlakase.
5
Ha ho makatse ha a sa elellwe bohlaswa boo a bo bakang.
6
“Lesedi, ka nnete ona ha se mokgwa oo kgarebe e tshwanetseng ho itshwara ka ona,” ho rialo nkgono.
7
“Jo! Nkgono, ona ke mokgwa oo ke bopuweng ka ona,” ho rialo Lesedi a edimola.
8
Empa bosiu bohle Lesedi o lala a fetoha a sa robale ho hang.
9
Ha bosiu bo esa, Lesedi ke hona a ntseng a otsela.
-
“Oho nkgono,” ho rialo Lesedi, “Ha ke ya robala hamonate ho hang.
-
Ka kopo hle o nneheletse lefielo ke hlwekise kamore ya ka.”
10
“Oho Lesedi,” ke nkgono a bososela, “Ha o rata o ka ba kgarebe ya seithati”
-
“Jo nkgono,” ke Lesedi a bososela, “Ha ke rata nka ba jwaloka kgarebe ya seithati.”
11
“Nkaba tsona di le pedi. Nkaba ntho e nngwe le enngwe yeo ke e batlang,” ho rialo Lesedi a haka nkgonae.
12
Your attribution should include the following:
Title: Pale ya Lesedi
Author/s: Tebogo Matshana
Translator/s: Nthabiseng Tsatsi
Illustrator/s: Tebogo Matshana
Assurer/s: Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator