Nomsa ya bohlale
Zandile Malaza
Simon Mokoena
Motseng wa Manyosi ho ne ho ena le ngwanana ya bohlale ya bitswang Nomusa.
-
O ne a dula le nkgonae yeo e neng e le mohwebi wa poone.
-
Batho ba bangata motseng oo ba ne ba sa tsebe ho bala le ho ngola. E ne e le bahwebi.
1
Nomusa o ne a rata sekolo, mme nkgonae o ne a le motlotlo ka yena.
-
Ka mehla ha a etswa sekolong, nkgonae o ne a mo fa mosebetsi.
-
O ne a tshwanetse ho lelekisa ditshwene le dinonyana tse neng di eja dijalo tsa hae.
2
Nomusa o ne a thatafallwa ke ho lelekisa ditshwene le dinonyana letsheare kaofela.
-
O ne a haellwa ke ho qeta mosebetsi wa hae wa sekolo.
-
Bana ba bangata motseng ba ne ba sa ye sekolong hobane ba ne ba tshwanetse ho ya masimong letsatsi lohle.
3
Ha nako e ntse e tsamaya, Nomusa a kgathala ke ho lelekisa dinonyana le ditshwene masimong.
-
“Ke na le mohopolo o bohlale,” a nahana.
4
Nomusa a tlamella dithupana mmoho. A kwahela dithupana ka hempe ya hae mme a tlamella sekhethe sa hae mahareng.
-
A tshwara dithupana di otlolohile yaba o di rwesa katiba ya hae ya mosebetsi.
-
E ne e le setshosa!
5
Nomusa a beha setshosa mahareng a masimo.
-
“Hona ho tla nka sebaka sa ka ha ke ntse ke etsa mosebetsi wa ka wa sekolo,” ho rialo Nomusa a bososela.
6
Tsatsi le leng le le leng, o ne a nka mokotlana wa hae wa sekolo sephiring ho ya masimong.
-
O ne a apara yunifomo ya hae mme a apesa setshosa diaparo tsa hae tsa mosebetsi.
-
O ne a etsa mosebetsi wa hae wa hae tlasa moriti wa sefate.
7
Matsatsi a ya mme Nomusa a nahana, “Nkgono a keke a elellwa mohopolo wa ka o bohlale.”
-
Nomusa o ne a thabile a bile a maketse.
-
Ditswhene le dinonyana ha di a hlola di tla masimomng.
8
Motsheare o mong, nkgona Nomusa a ya masimong ho kga poone.
-
Ho ne ho kgutsitse masimong. Ho ne ho se ditshwene kapa dinonyana.
-
Nkgono a nahana, “Nomusa o etsa mosebetsi o motle.”
9
Nkgono a hweletsa, “Nomusa! Nomusa! O ho kae na?”
-
Ho ne ho se karabo.
-
Yaba o bona setshosa mahareng a masimo se apare diaparo tsa Nomusa.
10
Ha nkgono a elellwa seo Nomua a se entseng, a ba motlotlo ka setloholo sa hae.
-
A nahana, “Bona ke bohlale. Setloholo ha se a tshwanela ho ba masimong le ho lelekisa ditshwene le dinonyana.”
11
Batho bohle motseng ba rata kelello ya Nomusa. Ba qala ho sebedisa ditshosa masimong a bona.
-
Setshosa sa tebela ditshwene le dinonyana masimong.
-
Yaba bana kaofeela motseng ba kgona ho ya sekolong.
12
Your attribution should include the following:
Title: Nomsa ya bohlale
Author/s: Zandile Malaza
Translator/s: Nthabiseng Tsatsi
Illustrator/s: Simon Mokoena
Assurer/s: Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator