O tswetswe ka selemo sa 1958, KwaZulu Natal. O hodisitswe ke nkgonae.
-
Nkgonae o ne a mo phetela dipale ka sezulu. O mophetetse dipale tse ngata a sale monyane.
1
Nkgona Gcina o ne a mo phetela dipale hoo a neng a kgona ho rala ditshwantsho tsa dipale ka kelellong ya hae.
-
Gcina o ne a mamela ka hlooko ha nkgonae a mo phetela pale.
-
Ha Gcina a le dilemo tse leshome, mmae o ile a mo nka ho ya dula Eastern Cape.
2
Gcina o phetse moo ho neng ho sena boithabiso ho hang le haele thelebeshene. O hotse a rata ho bala dibuka.
-
A qala ho ngola dipale le dithotokiso ka seXhosa.
-
O ne a le maphathephathe ka mosebetsi wa hae wa sekolo, hape a thusa kerekeng.
3
Ka tsatsi le leng moruti a mo mema ho ba le yena le mosadi wa hae ntlung ya bona.
-
Ka lesatsi le hlahlamang, moruti a mo mema ho ya le yena koponong motseng o haufi.
-
Kopano e ne e le moreneng.
4
Kopano e ne ele ka ho dumella dikgomo ho fula masimong a poone.
-
Ha a ntse a le moo, a bona monna a apereng diaparo tsa setso tse mmala o kganyang.
-
Monna yeo e ne e le seroki. Seroki hape ke sebini se serokang se bile se bina meketeng ya setso.
5
Gcina o ne a kgahluwe ke ka moo seroki se bontshang tsebo le puo ya hae. Mme Gcina o ile a tsebiswa morena le seroki.
-
Ha seroki se tsukutla hlooho Gcina, o ile a ikutlwa jwaloka seroki.
-
Gcina a nka qeto ya ho ba seroki.
6
Ka 1979, Gcina a fallela Johannesburg, moo a ileng ya ba mosebeletsi wa malapeng. O ne a sala le bana ba bane ba neng ba thibane ditsebe.
-
Ka tsatsi le leng a nahana ho ba kgutsisa ka ho ba phetela pale.
-
Pale e ne e bua ka Nanabuhlele, phoofolo e tshabehang e kgolo e mebalabala e dulang metsing.
7
O ne a sa nahane hore bana ba tla thabela dipale tsa seAfrika, empa ba hweletsa bare: “Re qoqele pale enngwe!”
-
A nka qeto ya ho latela lekala la ho ngola dipale.
-
O ne a batla ho kgothaletsa bana ho mamela dipale tsa bo nkgonwa bona.
8
O ile a qala ho ngola dibuka, dipapadi le dipale tse ngata le dithotokiso tsa bana.
-
Enngwe ya dipale tsa hae tsa pele ebile, ‘My Dear Madam.’
-
Ena ke pale ya bophelo ba hae e le mosebeletsi wa lapeng.
-
Enngwe pale ya bohlokwa nakong ena ebile ‘Love Child’ e neng e bua ka ha bophelo ba hae yena Gcina.
9
Gcina o ne a batla ho tshireletsa lekala la ho phetha dipale, yaba o theha mokgatlo o bitswang Zanendaba.
-
Zanendaba ke lentswe la sezulu le bolelang hore ‘tlo ka ditaba ’kapa ‘nqoqele pale’.
-
Zanendaba institjhuti e kwetlisa batho ba nang le kgahleho ya ho pheta le ho ngola dipale.
10
Gcina a qala letsholo la dibuka la Nozincwadi Mother ka 2001.
-
Gcina o kgothaletsa ho bala ka ho qoqa dipale le ho ngola dibuka tsa bana.
-
O ile a qala ho etela mahaeng mona Afrika Borwa, e le ho arolelana le bana bohlokwa ba ho bala.
-
O ile a fana ka dibuka dikolong tseo a di etetseng bakeng sa dilaeborari tsa bona.
11
Gcina o ile a nka karolo e ka pele papading e fumaneng kgau e bitswang ‘Have you seen Zandile?’
-
Papadi ena e bua ka ngwananyana ya dulang le nkgonae Durban, yaba mmae a mo nka o mo isa mahaeng Eastern Cape.
-
Gcina o ngotse pale ena e itshetlehile ka tsa boiphihlelo ba hae.
12
Hona ke hoo Nokugcina a ho buileng ka mosebetsi wa hae:
-
“Ke pheta dipale tsena e le hore ke tsose dipale ho batho ba bang, hobane ke kgolwa hore motho e mong le e mong ya phelang o na le pale yeo a ka e qoqang.”
-
Na o na le pale yeo o ka re qoqelang yona?
13
——Dipotso
Gcina Mhlophe ke mang?
Ke eng se ileng ha etsa Gcina hore a battle ho ba seroki?
Ke eng se susumeditseng Gcina ho ngola dipale?
Fumana pale e ngotsweng ke Gcina mme o e balle haholo.
Ngola pale ka ntho enngwe le enngwe e etsahetseng bophelong ba hao.
14
——
Pale ena e qapuwe le ho ngolwa ka Tshivenḓa, ele karolo ya projeke ya 2021 ya Zenex Ulwazi Lwethu ya dibuka tse balwang.
15
16
Your attribution should include the following: Title: Gcina Mhlophe, moqoqi ya khethehileng wa dipale Author/s: Eric Khorombi Translator/s: Nthabiseng Tsatsi Illustrator/s: Vusi Malindi Assurer/s: Mathapelo Morake Language: Sesotho (South Africa)