Leleidi la setaele
Esther Maluleke
Catherine Groenewald
Malome Rhulani le Singita ba tseleng e yang mmolong.
-
Singita o shebile ka fesetere ha batho ba ntse ba feta.
1
Singita a nahana, “Ha ke hola ke batla ho tshwana le leleidi lane le letle le meloho e metelele.”
2
“Lebanta le lekgubedu le sephara la leleidi lane le nyalana hantle le mose wa hae o mmala wa lamunu,” ho nahana Singita.
3
“O na le mokotlana wa letsoho o motle. Ke ipotsa hore e be o tshetse eng ka mokotlaneng oo,” ho rialo Singita.
4
“Ekare ho boima ho phakisa ha o rwetse dieta tseo tsa ditopo!” ho nahana Singita.
5
Leleidi la ema ho sheba dikatiba.
-
“Ke lakatsa e ka a ka reka katiba yane e tshehla e fesetereng,” ho nahana Singita.
6
Ha malome Rhulani le Singita ba feta, leleidi le itokisa moriri.
-
Mokotlana wa hae wa thellela ka tlasa sephaka yaba o wela fatshe.
7
Empa le pele mokotlana o fihla fatshe mokatong, leleidi la o kapa!
8
Leleidi la bososela mme masale a lona a phatsima kganyeng ya letsatsi.
9
Singata a bososela a le mong.
-
Koloi e ntse e tsamaya, mme butle butle o ntse a nyamellwa ke leleidi la setaele.
10
Your attribution should include the following:
Title: Leleidi la setaele
Author/s: Esther Maluleke
Translator/s: Nthabiseng Tsatsi
Illustrator/s: Catherine Groenewald
Assurer/s: Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator