Mmakgabo Helen Sebidi le lefatshe la botaki
Refilwe Ramagoshi
Vusi Malindi


Pale ena e bua setaki se tummeng sa mosadi mona Afrika Borwa, Mmakgabo Helen Sebidi.
-
O tswetswe ka selemo sa 1943, tulong e bitswang Marapyane, ba bang ba e bitsa Skilpadfontein.
-
Ha o batla ho tseba ka botaki, ithuta ka Mmakgabo Helen Sebidi.
1
Ha Mmakgabo a ntse a hola, nkgonae Metato, o ile a mo ruta ho dila le ho taka fatshe le maboteng ka bolokwe.
-
Hape o mo ruta ho roka, ho kgabisa, ho follela difaha, ho bopa dinkgo le ho dikgabisa.
2
Mmakgabo Helen Sebidi o ne a etswa lelapeng le futsanehileng.
-
Ka hoo, ha a le dilemo tse 16, o ile a qobelleha ho ya sebetsa Johannesburg jwaloka mosebeletsi wa malapeng.
3
Ka tsatsi le leng o ile a kgahlwa ke mosebetsi wa botaki o entsweng ke monga hae. O ile a rekela Mmakgabo dipente tsa hae tsa pele tsa oli.
-
Mmakgabo o ne a ikwetlisa a le mong sephiring.
-
Monga hae a makatswa ke talente yeo a e bonang ho Mmakgabo, mme a mo kgothaletse ho ithutela botaki.
4
Mmakgabo o ile a lemoha hore o hloka ho ithutela botaki semolao.
-
Ka selemo sa 1970 ho isa ho 1973, o ile a ingodisa sekolong sa botaki, White Studio se Sophiatown.
-
O ne a kwetliswa ke setaki sa motho e motsho se bitswang Keonakeefe Mohl. O ne a motataisa a mo thusa.
5
Mmakgabo o ne a rata ho taka diketsahalo tsa Marapyane moo a holetseng teng.
-
O ne a taka basadi ba tswa lebollong kapa ba hlaola masimong.
-
O ne a taka diketsahalo tse tlwaelehileng tsa bophelo ba nnete.
6
Mmakgabo o ile a kopana le setaki Bill Ainslie, yeo a ileng a mo kgothletsa ho etsa botaki ba kgopolotaba.
-
Botaki bona bo ne bo fapane le botaki ba diketsahalo tsa nnete tsa Marapyane tseo a neng a se a di tlwaetse.
-
Mmakgabo o sebeditse ka thata ho ikwetlisa botaking ba hae.
7
Mmakgabo o ile a ruta bana ho taka Katlehong Arts Centre.
-
O ne a kwetlisa ditaki tse ngata, ha a ntse a tswellisetsa tsebo ya hae ya ho taka ya disebediswa tse ding.
-
O ile a bontsha ditshwantsho tsa hae dipontshong mmoho le ditaki tse ding mme tse ding a di rekisa.
8
Botaki ba Mmakgabo bo hlohloleditswe ke tshotleho ya basadi ya kamehla makeisheneng.
-
Mosebetsi wa hae nakong ya kgethollo ka mmala e ne e bontsha tshotleho ya batho batsho.
-
Tse ding tsa ditshwantsho tsa hae tse tummeng ke: ‘Tear of Africa’ le ‘Where is my home?
9
Mmakgabo o ile a hlopha dipontsho tsa hae a le mong tsa pele ka 1986.
-
Ene e le mosadi wa pele wa motho motsho wa ho hlopha dipontsho tsa hae Afrika Borwa.
-
Katleho ya dipontsho tsena e ne e le ditshwantso tse takilweng ka mokgwa wa kgopolotaba.
10
Mmakgabo o ile a fumana kgau ya Fulbright Scholarship ya ho ithuta America.
-
Kgau yena e ile ya mothusa ho tsepamisa maikutlo botaking le ho ntshetsa pele lekala la botaki.
-
Botaki ba Mmakgabo bo ile ba bontshwa Afrika Borwa, Yuropa, Engelane le Amerika.
11
Ditshwantshi le botaki ba Mmakgabo di bapatswa dimusiamong lefatshe ka bophara.
-
Ke setaki se hlomphehang se nang le tshushumetso.
-
Ka lebaka la nyehelo botaking mona Afrika Borwa, Mmakgabo o ile a tlotlwa ka kgau ya Presidential Order of Ikhamanga ka 2004.
12
Sebidi o bontshitse hore ha ho se thata ha o na le maikemisetso a ho ba seo o batlang ho ba sona.
-
Ho mamela nkgonae ho ile ha motswalla katleho.
-
Mmakgabo are, “Nkgono waka ya phetseng dilemo tse 115, o nthutile ntho e nngwe le enngwe yeo ke e tsebang.”
13

Dipotso


  1. Nkgona Mmakgabo o ile a mo ruta eng?
  2. Mmakgabo o qadile botaki jwang?
  3. Hobaneng ha ne a atleha botaking
  4. Ke eng seo o se ratang ka mme Sebidi?
  5. Taka setshwantsho sa motho kapa ntho enngwe e bohlhokwa ho wena.
  6. Na o kgolwa hore ‘o ka ba seo o batlang ho ba sona’? Hlalosa karabo ya hao.
  7. Fuputsa ka dinono tse hlano tse tummeng lefatshe ka bophara.
  8. Na bonono bo bohlokwa? Hlalosa karabo ya hao.
14


Pale ena e qapuwe le ho ngolwa ka Setswana, e le karolo ya projeke ya 2021 ya Zenex Ulwazi Lwethu ya dibuka tse balwang.
15
Your attribution should include the following:
Title: Mmakgabo Helen Sebidi le lefatshe la botaki
Author/s: Refilwe Ramagoshi
Translator/s: Nthabiseng Tsatsi
Illustrator/s: Vusi Malindi
Assurer/s: Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2025 (Updated Edition)

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator