Naka le Nala ba bua ka moya
Ndivhuho Mutsila
Simon Mokoena
Naka le Nala ba dutse thoteng e ommeng tlasa sefate.
-
Nala o utlwa mahlaku a tsitsinyehang ha a utlwa moya o phodileng.
1
“Mamela Naka. Na o utlwa mahlaku a sefate?” ho botsa Nala.
-
“Ee, ke ya a utlwa ebile ke bona ha a sisinyeha,” ho araba Naka.
2
“Na o ya hopola hore ke eng se bakang ho sisinyeha ha mahlaku?” ho botsa Naka.
-
“Ke ha moya o fefola dintho,” Nala a araba.
-
“Ke nahana hore ke moya,” Naka araba.
3
“Re potapotilwe ke moya o sa bonahaleng….” Nala a qala.
-
Naka o mo kena hanong, “Empa re bona le ho utlwa mahlaku a sisinyeha!”
4
Nala o tswela pele, “Moya ha o bonahale empa re bona le ho utlwa diketso tsa moya.”
-
“Ke moya o fokang?” ho botsa Naka.
5
“Ee,” Nala a bosesela.
-
O tswela pele, “Moya o na le marothodi a metsi marung. Ha marothodi ana a eba boima, a rothela fatshe jwaloka pula.”
6
“Akanya re se re nyolohela marung ka baluni ya moya o tjhesang. Baluni ena e tshwana le lerothodi la metsi le fuperweng ke moya,” ho rialo Nala.
7
“Re hema moya,” ho hopola Naka
-
“Ee, hore diphoofolo le dimela di phele, di hloka moya,” ke Nala yeo.
-
“Kaofela re hloka moya o hlwekileng,” ho dumela Naka.
8
“Ha re bone moya, empa o bopilwe ka eng?” ho botsa Naka.
-
"Moya ke motswako wa digase le lerole,” ho araba Nala.
9
“Lefatshe le phuthetswe ke moya,” ke Nala yeo.
-
“Moya o re pota-potile. Moya wa lefatshe o tloha mona ho fihlela hodimo,” o bontsha ka matsoho.
10

Dipotso


  1. Pale ena e bua ka mang?
  2. Ba ho kae?
  3. Ke eng tse hlokang moya hore di phele?
  4. Moya o entswe ka eng?
  5. Moya o ho kae?
  6. Pula ena hobanang?
  7. Moya ke eng?
  8. Fumana pale ya moya.
  9. Moya o hlwekileng ke eng?
11
Your attribution should include the following:
Title: Naka le Nala ba bua ka moya
Author/s: Ndivhuho Mutsila
Translator/s: Mathapelo Morake
Illustrator/s: Simon Mokoena
Assurer/s: Nthabiseng Tsatsi
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator