Letsatsi la Tokoloho
Connie Makgabo
Sibusiso Khumalo


Letsatsi la Tokoloho la 27 Mmesa mona Afrika Borwa, ke Letsatsi la phomolo.
-
Ena ke pale ka Letsatsi la Tokoloho.
-
O tla bala ka nalane ya lona le hore hobaneng le le bohlokwa.
1
Selemong sa 1994, ka letsatsi la 27 Mmesa, Afrika Borwa e ile ya fumana tokoloho.
-
E ne e le kgetlo la pele batho ba batsho ba nka karolo dikgethong tsa Afrika Borwa.
-
Re ile ra keteka pheletso ya kgethello ka mmala, le qalo ya demokrasi.
2
Demokrasi ke mokgwa oo motho e mong le e mong ya dilemong tse itseng a ka kgonang ho vouta.
-
Batho ba vouta dikgethong ho kgetha baetapele le mmuso.
-
Ka nako ya mmuso wa kgethollo ka mmala, batho ba batsho ba ne ba sa dumellwa ho vouta.
3
Balwanedi ba tokoloho ba bangata ba ile ba lwantsha mmuso wa kgethollo ka mmala.
-
Nelson Mandela ke e mong wa balwanedi ba tokoloho ya tsebahalang haholo. O ile a lwanela tekatekano ya batho bohle ba Afrika Borwa.
-
Mmuso wa kgethollo ka mmala o ile wa mo romela tjhankaneng dilemo tse 27 hobane a ne a lwanela demokrasi.
4
Ka la 27 Mmesa batho ba Afrika Borwa ba ile ba qala ho etsa mela hoseng diteisheneng tsa dikgetho naha ka bophara.
-
Seteishene sa dikgetho ke moo batho ba yang teng ho ya vouta.
-
Ha re vouta, re kgetha batho bao re batlang hore ba etelle mmuso wa rona pele.
5
Batho bohle ba ne ba thabetse ho voutela mmuso wa pele o lokolohileng wa Afrika Borwa.
-
Mela e bile melelele haholo.
-
Letsatsi le ile la tjhesa haholo.
-
Leha ho le jwalo, bohle ba ne thabile hobane ba ne ba ikutlwa ba lokolohile.
6
Nelson Mandela o ile a hopola tsatsi lena ka pabatso.
-
O ne a sa lebale mekoloko ya batho ditseleng.
-
O ne a hopola bongata ba batho bo neng bo emetse ho vouta dikgethong tsa pele tse lokolohileng.
-
Mehopolo ena e ne e dutse kelellong ya hae.
7
Lena ke letsatsi leo batho bohle ba Afrika Borwa ba ka hodimo ho dilemo tse 18 ba neng ba kgona ho vouta.
-
Naheng ka bophara re ile ra ema ka mamello ho kena diteisheneng tsa ho vouta.
-
Re eme meleng ho fihlela bosiu, ha bohle ba se ba kgonne ho vouta.
8
Kamora mona, diteishene tsa dikgetho tsa kwalwa, ya eba nako ya ho bala divoutu.
-
E ne e le nako ya ho tseba hore batho ba Afrika Borwa ba batla ho buswa ke bomang.
-
Batho ba dimilione tse ka bang 20 ba ile ba vouta ka tsatsi la 27 Mmesa. Re ile ra voutela mmuso o motjha.
9
Mokga wa Africa National Congress ke ona o ileng wa fumana divoutu ka bongata.
-
ANC e ile ya hapa dikgetho tsa demokrasi.
-
Nelson Mandela ya eba moetapele wa ANC. E ile ya eba moporesidente wa pele wa demokrasi mona Afrika Borwa.
10
Mmuso o motjha o ile wa etsa letsatsi la 27 Mmesa letsatsi la phomolo hore batho ba le keteke selemo se seng le se seng.
-
Re keteka demokerasi le melao e metjha.
-
Re keteka ka ho ya mabaleng a dipapadi moo ho bang le diketsahalo tse ikgethileng.
-
Re keteka ka mmino, dithotokiso le dipuo.
11
Ka Letsatsi la Tokoloho re tlotla balwanedi ba rona ba tokoloho.
-
Re keteka pheletso ya kgethollo ka mmala.
-
Re keteka hore bohle ba na le tokelo ya ho vouta.
-
Re tshepisa ho etsa bonnete ba hore batho bohle ba ya lekana, mme ba lokolohile. Yeo ke demokerasi!
12
Mona Afrika Borwa dikgetho di hlophiswa ke Independent Electoral Commission (IEC).
-
Mokgatlo ona o etsa bonnete ba hore dikgetho di “lokolohile, hape di hloka leeme”. O nahana hore hoo ho bolelang?
-
Batlisisa ka IEC inthaneteng.
13

Dipotso


  1. Ke eng se etsahetseng ka la 27 Mmesa 1994 Afrika Borwa?
  2. Ke mang ya dumelletsweng ho vouta demokerasing?
  3. Hobaneng ha tsatsi la 27 Mmesa e le letsatsi la phomolo?
  4. Demokrasi ke eng?
  5. Ke mang moporensidente wa pele wa demokrasi Afrika Borwa?
14

Lenane la dibuka tse letotong lena


  • Letsatsi la Polelano
  • Letsatsi la Tokoloho
  • Letsatsi la Botjhaba
  • Letsatsi la Ditokelo tsa Botho
  • Letsatsi la bomme
  • Letsatsi la Basebetsi
  • Letsati la Batjha
15


Buka ena e qapuwe le ho ngolwa ka Sepedi jwaloka karolo ya porojeke ya 2020 ya Zenex Ulwazi Lwethu ya dibuka tse balwang.
16
Your attribution should include the following:
Title: Letsatsi la Tokoloho
Author/s: Connie Makgabo
Translator/s: Maria Vaz
Illustrator/s: Sibusiso Khumalo
Assurer/s: Nthabiseng Tsatsi, Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator