Katse le Ntja ke metswalle
Yamkela Mbhele
Busisiwe Ndlovu
Katse le Ntja ke metswalle e meholo.
-
Ba ile ba rera ho etela motswalle wa bona Tjhiki ka tsatsi la hae la tswalo.
-
Tjhiki o ne dula motsaneng o mong. Katse le Ntja ba ne tla nka matsatsi a mabedi ho fihla moo.
1
Katse le Ntja ba ne ba na le boitshwaro bo fapaneng.
-
Ntja o ne a rata ho ja le ho robala, mme a seba ka nako tse ding.
-
Katse o ne a le mosa, a fana mme a bile a tshepahala.
-
Ba ile ba kopanela ha Ntja ho rera tsa leeto la bona.
2
“Ke tla tla le dijo tsa letsatsi la pele,” Ntja a ithaopa.
-
“Nna ke tla tla le tsa letsatsi la bobedi,” ho bua Katse.
-
Ba ile ba ngola tsohle fatshe hore ba se ke ba lebala.
3
“Ho tla ba monate haholo ho bona Tjhiki.
-
E se e le nakwana re sa bone motswalle wa rona,” ho rialo Ntja a felehetsa Katse ho ya ha hae.
-
“Kea leboha ha o mphelehetsa,” ke Katse a rialo ho Ntja.
4
Ba kopana hoseng ka le hlahlamang ho qala leeto la bona.
-
Ba tsamaya ba ntse ba bina, ba tjeka tseleng.
-
Ka mora nakonyana, ba phomola ka tlasa sefate se seholo. “Ke lapile! Ha re je,” ho rialo Katse.
5
Ntja a phakisa a tshola dijo dijaneng tse pedi. Dijo di ne di le metsi di le mafura.
-
“Na ke dijo tseo o di tletseng nna le wena tsena?” ho botsa Katse.
-
Katse o ne a halefile hobane ha se dijo tseo ba dumellaneng ka tsona. Katse ha a ka ba a dija dijo tseo tsa Ntja.
6
“O emetseng?” ho botsa Ntja. O ne a nahana hore Katse o tla tlohela ho komakoma a je.
-
“Hobaneng o tla le dijo tse ratwang ke wena feela?” ho botsa Katse a kgopisehile.
-
Ntja o ne a ja ka potlako hoo sejana se ileng sa thella.
-
Dijo kaofela tsa Ntja tsa qhalana fatshe.
7
“Se kgathatsehe motswalle,” ho bua Katse.
-
Katse a ntsha disamentjhisi tse ntle mme a qalella ho ja.
-
Ntja a sheba dijo tsa Katse ka mahlo a qekisang.
-
Ha Katse a qeta ho ja, a phutha mme a re ho Ntja, “Re ka tswela pele ka leeto la rona.”
8
Ha ba kaba ba buisana leeto kaofela.
-
Mala a Ntja a ne a dumaela ke tlala.
-
Mantsiboyeng ao Katse a itsholela. A robala a thabile ke ho bona hore o tlile le dijo tse lekaneng.
-
Ntja o robetse a lapile.
9
Hoseng Katse a itsholela dijonyana tsa hoseng. Ntja o ne a sa phetse ho sheba dijo tsa Katse.
-
Katse a fa Ntja dijo.
-
Yaba Ntja a re, “Ke bile meharo, ke kopa tshwarelo.”
-
Katse a re, “Ha re je mmoho.”
-
Ba dula fatshe ba ja.
10
Ha ba ntse ba tswela pele ka leeto, ya boela ya eba metswalle hape.
-
Ba fihla ha Tshiki ka nako.
-
“Na leeto la lona le bile jwang metswalle?” ho botsa Tshiki.
-
Katse le Ntja ba araba ka pososelo, “Le bile monate haholo.”
11
Ebile mokete wa letsatsi la tswalo o monate.
-
Ba ile ba ja, ba bina, ba qoqopela!
12
Your attribution should include the following:
Title: Katse le Ntja ke metswalle
Author/s: Yamkela Mbhele
Translator/s: Maria Vaz
Illustrator/s: Busisiwe Ndlovu
Assurer/s: Nthabiseng Tsatsi, Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator