Letsatsi la Basadi
Thelma Mhlari
Khanyisa Masemola


Mona Afrika Borwa, letsatsi la 09 Phato ke letsatsi la Setjhaba la Basadi ebile ke letstatsi la phomolo.
-
Buka ena e ka ha nalane ya letsatsi leo, le hore hobaneng le ntse le le bohlokwa le kajeno.
1
Lerato le Khanyisa ba ya laeboraring e haufinyana kamora nako ya sekolo. Ba ilo etsa mosebetsi wa bona wa hae.
-
“O etsang kajeno?” ho botsa Khanyisa.
-
“Ke lokela ho batlisisa ka ha Letsatsi la Basadi, ke a kgolwa ke nalane feela e tenang.” Ho araba Lerato.
2
“Na o tiile?” Nalane ya letsatsi lena e ke ke be ya eba ntho e tenang!” ke Khanyisa yeo.
-
Khanyisa a tswela pele a re, “Titjhere ya rona e ile ya re fa mosebetsi oo kotareng e fetileng. Le nna ke ile ka nahana hore e tla ba nalane e tenang, empa he, e re ke ho bolelle seo ke ithutileng sona ka Letsatsi lena la Basadi!”
-
“Ke mametse!” Ho rialo Lerato.
3
“E ne e le dilemong tsa bo 1950 mona Afrika Borwa, ha ho qaleha kgethollo ka mmala,” Khanyisa o qala ho qoqa.
-
“Mmuso wa kgethollo o ne o batla hore batho bohle ba batsho ba jare dibukana tsa boitsebiso hohle moo ba yang. (Dipasa)”
-
“Mmuso wa makoloniale o ne o se o qadile molao wa dibukana tsa boitsebiso. Batho ba batsho ba ne ba sa kgone ho tsamaya ka bolokolohi.”
4
“Ho tloha dilemong tsa bo 1912, basadi mona Afrika Borwa ba ne ba se ntse ba ipelaetsa ka molao ona wa dibukan tsa boitsebiso.
-
Ka selemo sa 1913, sehlopha sa basadi se neng se etelletswe pele ke Charlotte Maxeke, se ile sa tjhesa bukana tsa bona tsa boitsebiso ka pela dikantoro tsa masepala. Ba ile ba lwantshana le seponesa.”
5
“Ho tloha mmusong wa makoloniale ho ya ho wa kgethollo, dintho di ile tsa mpefala le ho feta,” ho rialo Khanyisa.
-
“Jwale o ka mpolella kapele ho ileng ha etsahala ka la 09 Phato 1956?” ho bua Lerato ha ba fihla laeboraring.
-
“O lokela ho ananela tsebo ya ka ya nalane!” ho rialo Khanyisa.
6
Ha ba fihla laeboraring, ba dula tafoleng e sekgutlwaneng. Khanyisa a tswela pele a a sebela Lerato.
-
“Ka dilemo tsa bo1950, tshutsumetso ya mmuso wa kgetollo e ile ya thatafatsa bophelo ba batho ba batsho le ho feta.
-
Bophelo bo ne bo thatafetse haholo basading ba batho ba batsho. Baile ba ipelaetsa!” ke Khanyisa a buela hodimo.
7
“Ka selemo sa 1956, basadi ba Afrika Borwa ba etsa mohwanto o moholo ba le kgahlanong le molao o neng o tlilo hatella hore basadi le bona ba jare dibukana tsa boitsebeso hohle moo ba yang.
-
Mohwanto o ne o hlophiseditswe letsatsi la 09 Phato.
-
Basadi ba merabe yohle naha ka bophara, ba fihla Pretoria ho ya nka karolo mohwantong wa basadi wa ho ya Union Buildings.”
8
“E ne e le letsatsi le letle! Basadi ba ka bang 20,000 ba ile ba nka karolo mohwantong.
-
Ba neng ba etella mohwanto pele e ne e le Lillian Ngoyi, Sophia Williams, Helen Joseph, Rahima Moosa, le Bertha Gxowa. Bohle ba ne ba itshwere hantle mme ba ikemiseditse.
-
Ba ile ba isa dipetishene tse ngata mmusong tse neng di le kgahlano le melao ya bibukana tsa boitsebiso.”
9
“Jwale ho ile ha etsahalang ka mora moo?” Lerato a botsa.
-
“Ba ile ba emela tonakgolo, mme ba leta metsotso e 30 ba kgutsitse.
-
Basadi ba 20000, e ne e le mohwanto o matla haholo! Tonakgolo ha e ka ba ya kopana le bona,” ho araba Khanyisa.
-
“Lekwala!” ke Lerato yeo.
-
“Yaba basadi ba qala ho bina,” ho bua Khanyisa.
10
“Basadi ba le mmoho, ba ne ba tseba matla a mantswe a bona le matla a ho kgutsa ha bona,” ho hlalosa Khanyisa.
-
“Ba ile ba bina pina e reng, ‘Wathinta abafazi, wathinta imbokodo, uzakufa!
-
‘O otlile mosadi, o otlile lefika, o tla pitlwa!’”
11
“Mohwanto wa Basadi o bohlokwa haholo nalaneng ya rona.
-
Kamora demokerasi, letsatsi la 09 Phato e bile letsatsi la phomolo, le ka lona re tlotlang seabo sa basadi setjhabeng.
-
Re kgona ho keteka hore kajeno basadi jwale ba na le ditokelo ho feta pele,” ho rialo Khanyisa.
12
“Kgele! O tlamehile e be o fumane matshwao a hodimo mosebetsing oo,” ho bua Lerato.
-
“Ho jwalo, ke susumeditswe ke basadi ba bangata ba matla nalaneng ya rona. Sebete le katleho ya bona di a kgothatsa!” ho araba Khanyisa.
-
“Nna le wena re ka ba mofuta oo wa basadi ba ka moso!” ke Lerato yeo.
13

Dipotso


  1. Hobaneng ha basadi ba ile ba ipelaetsa ka selemo sa 1956?
  2. Ba ile ba ipelaetsa jwang?
  3. Baetapele ba mohwanto e ne e le bo mang?
  4. Batlisisa ho feta ka basadi bana.
  5. Seabo sa basadi ke eng setjhabeng? Hlalosa hore hobaneng o nahana jwalo.
14

Lenane la dibuka tse letotong lena


  • Letsatsi la Poelanoi
  • Letsatsi la Tokoloho
  • Letsatsi la Botjhaba
  • Letsatsi la Ditokelo tsa Botho
  • Letsatsi la Bomme
  • Letsatsi la Basebetsi
  • Letsatsi la Batjha
15


Pale ena e qapilwe le ho jwaloka karolo ya 2020 ya porojeke ya Zenex Ulwazi Lwethu ya dibuka tse balwang.
16
Your attribution should include the following:
Title: Letsatsi la Basadi
Author/s: Thelma Mhlari
Translator/s: Maria Vaz
Illustrator/s: Khanyisa Masemola
Assurer/s: Nthabiseng Tsatsi, Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator