Mofumahadi ya bohlale
Tshedza Tlhako
Busisiwe Ndlovu
Mofumahadi Lufuno o ne a busa lefatshe la Roswika.
-
Mofumahadi Lufuno e ne e le moetapele ya lokileng ya mosa.
-
O ne a le bohlale haholo.
1
Mofumahadi o ne a tshwara batho bohle ka tekano.
-
Ka hoo setjhaba sohle se ne se mo rata haholo.
-
Maluta e ne e le e mong wa baeletsi ba tshetjwang haholo ke mofumahadi Lefuno.
2
Mohatsa Maluta, Tshidino, o ne a sa rate botho ba Mofumahadi Lufuno. O ne a sa rate ka moo batho ba neng ba mo rorisa ka teng.
-
Are, “Ke eng hoo Lufuno a nang le hona hoo nna ke se nang hona?”
3
Ka tsatsi le leng, mofumahadi Lufuno le Maluta ba ne ba buisana ka mokgwa o motle oo ba ka abelang setjhaba metsi ka teng.
-
Ba seke ba dumellana mme ba ngangisana.
4
Hona hwa halefisa Maluta.Ha a fihla hae a ya ho monna wa hae ka kotloloho.
-
“Mofumahadi Lufuno le nna re ngangisane ka mokgwa wa ho aba metsi,” a bua a kgenne.
5
Tshidino a inahana, “Ke ne nka etsa betere hoja ke ne ke le morena.”
-
A kgothaletsa mosadi wa hae ho ba lonya ho mofumahadi.
6
Letsatsi le hlahlamang, Tshidino a memela batho bohle ba motse kopanong.
-
A re ho bona, “Re keke ra buswa ke mosadi. Ke tla ba morena ya betere.”
7
Batho ba tlileng kopanong ba nahana mantswe ana a Tshidino.
-
Ba ne ba sa dumellane le yena.
8
E mong are, “Mofumahadi ke motho ya nahanelang batho. O hahetse bana ba rona dikolo.”
-
Wa bobedi are, “Re na le masimo, ebile o hlokomela hore re na le metsi. Ke moetapele ya lokileng.”
9
Wa boraro a eketsa are, “Re busitswe ke batho ba fapaneng. Ha ke eso bone ya bohlale jwaloka mofumahadi Lufuno. Marena a ditulo tse ding a tla ho yena ho fumana dikeletso.”
10
Ha Tshidino a utlwa hoo, a ya hae a halefile.
-
Maluta a re ho yena, “Batho ba Roswika ba buile. O tshwanetse ho ananela kgetho ya bona.”
11
Ha mofumahadi a utlwa hona, a bososela.
-
Ha a ka a hlokofatsa Tshidino hobane a ne a tseba hore o hlotse.
-
Ha setjhaba se le kgotso, se atlehile, se thabile, ba tla sapota baetapele ba bona.
12
Your attribution should include the following:
Title: Mofumahadi ya bohlale
Author/s: Tshedza Tlhako
Translator/s: Nthabiseng Tsatsi
Illustrator/s: Busisiwe Ndlovu
Assurer/s: Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator