Ho sa utlwane ha batho le dinoha
Tshepiso Mogaswa
Adonay Gebru
Kgale kgale ho ne ho ena le mohlankana ya bitswang Mosimane.
-
O ne a ikokobeditse a le lerato. O ne a rata ho roba monakedi lebopong la noka.
-
Ka tsatsi le leng ha a ntse a le nokeng, a kopana le noha.
1
“Dumela noha,” ho rialo Mosimane.
-
“Dumela Monghadi,” ho araba noha.
-
Noha ya bolella Mosimane hore e ka mo etsa morui. Mosimane o ne e ipatlela feela ho rwala noha hlohong mme a e ise moo e batlang.
-
Noha ya shebahala e tshepahala.
2
Mosimane o ne a ena le botho. A dumela ho rwala noha hlohong.
-
Ba tshela noka mmoho.
3
Ha bale ka nqane ho noka, noha ya kopa hore ebe metswalle, hobane dinoha di sena metswalle.
-
Mosimane a dumela ntle ho qeaqeo.
-
Tseleng ba kopana le ntate Phiri.
4
“Batho ba ka dumelang,” ho dumedisa phiri.
-
“Dumela ntate Phiri,” ho araba Mosimane le noha hong.
-
“Bobedi ba lona le ya kae?” ho botsa ntate Phiri.
-
“Re ya moo ke ratang re ye teng,” ho araba noha. Ntate Phiri o ne a maketse.
5
“Na o fumana moputso o motle ha o rwetse noha hlohong jwalo?” Ntate Phiri o botsa Mosiane.
-
Mosimane a se re letho ka hoo noha e mo tshepisitseng hona.
-
Mosimane le noha ba tswela pele ka leeto la bona.
6
Ha ba ntse ba le leetong la bona morung, Mosimane a kgathala.
-
Ba kopana le malome Phokojwe pela sefate se moriti.
-
Malome Phokojwe a sheba noha e ikharileng hlohong ya mohlankana. O ne a sa kgolwe mahlo a hae. A qala ho keketeha.
7
Noha ya halefela malome Phokojwe ya re, “Ke hobaneng ha o tsheha? Ho tsheha ho ka qabanya!”
-
“Noha le nna re metswalle!” ho rialo Mosimane ho malome Phiri.
-
Malome Phiri a nahana sebakanyana. Jwale a qala ho buela fatshe.
8
“Noha, theoha hlohong ya ka ke tle ke tsebe ho utlwa malome Phokojwe hantle,” ho rialo Mosimane.
-
A tswela pele, “Noha, ke o rwetse ho tshela noka. Ke o rwetse ho fihlela mona. O kae moputso wa ka? Ke nahanne hore re metswalle.”
9
Malome Phokojwe a botsa, “Na ha o tsebe hore dinoha ha di tshepahale?”
-
Noha ya elellwa hore Mosimane o ya ferekana mme ya theoha ya dikella morung. Mosimane a ya hae mme a qoqela batho ka ha noha.
-
Ho fihlela kajeno dinoha ha di tshetjwe ke motho ofe kapa ofe.
10
Your attribution should include the following:
Title: Ho sa utlwane ha batho le dinoha
Author/s: Tshepiso Mogaswa
Translator/s: Nthabiseng Tsatsi
Illustrator/s: Adonay Gebru
Assurer/s: Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator