Naka le Nala ba bua ka lefatshe
Connie Makgabo
Vusi Malindi
Naka le Nala ba serapeng sa dijalo. Ba ya hlaola ebile ba jala meroho.
-
“Hobaneng re sebetsa ka thata hakana letsatsing?” Nala a botsa.
1
“Re sebetsa ka thata hobane re rata lefatshe le tikoloho ya rona!” ho araba Naka.
-
“Bana ba hola hantle tikolohong e hlwekileng,” o a tlatsa.
2
“Re lema meroho re tle re je dijo tse matlafatsang mmele,” Naka o tswela pele.
-
“Ho lema meroho ho tla re bolokela le tjhelete,” ho rialo Nala.
3
“O ne o reng ka lefatshe? Mpollelle ha holwanyane,” Nala o a phehella.
-
Naka o re,” Ha re dule fatshe ke o bollelle ho hong ka lefatshe la rona.”
4
Naka a qala, “Lefatshe leo re phelang ho lona le tjhitja. Batho ba ka bang dibilione tse robedi ba phela mona. Lefatshe le potoloha letsatsi.”
5
“Lefatshe le entswe ka mobu, moya le metsi. Diphedi di dula hodima lefatshe hobane ho tjhesa haholo ka hara lefatshe,” ho hlalosa Naka.
6
Nala o mo kena hanong, “Hobaneng re sa wele thoko ho lefatshe?”
-
“Re tswharwa ke matla a kgohedi. Matla ana a re hulela lefatsheng,” ho araba Naka.
7
“Re ka hlokomela lefatshe jwang?” ho botsa Nala.
-
Naka o ya araba, “Ha re a tshwanela ho silafatsa naha. Re tshwanetse ho fokotsa matlakala ka ho a fetolela dinthong tseo re ka di sebedisang hape.”
8
Naka o tswela pele, “Re tshwanetse re fetole polasitiki, pampiri, galase le makoto-koti ho etsa dintho tse ntjha. Ke dintho tse ngata tseo re di lahlang.”
9
Naka wa qetela, “Re tshwanetse ho hlokomela lefatshe hobane batho ba hloka ho phela ho lona.”
-
“Re tshwanela ho kgutlela mosebetsing!” ke Nala a kgotsa.
10

Dipotso


  1. Naka le Nala ba etsang? Hobaneng?
  2. Ngola dintho tse nne ka polanete ya rona.
  3. Hobaneng re tshwanetse ho hlokomela lefatshe?
  4. Lentswe lena pheta-pheta le bolelang?
  5. Ke eng e ka pheta-phetwang?
  6. Ke eng hape ho ka etswang ho sireletsa lefatshe?
11
Your attribution should include the following:
Title: Naka le Nala ba bua ka lefatshe
Author/s: Connie Makgabo
Translator/s: Mathapelo Morake
Illustrator/s: Vusi Malindi
Assurer/s: Nthabiseng Tsatsi
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator