Naka le Nala ba bua ka lefaufau
Refilwe Ramagoshi
Busisiwe Ndlovu
Naka le Nala ba kampong ya sekolo.
-
Ba hloma ditente tsa bona ebe ba boha letsatsi le tukang ha le dikela.
-
“Ho hotle,” ho kgotsa Nala a thabile.
1
Ba boha letsatsi ha le dikela tlasa horaesene Bodikela.
-
“Ngwedi e tletse bosiung bona,” ho elellwa Naka ha ngwedi e hlaha botjhabela.
2
Bana ba ya kakalla ha ba ithuta ka lehodimo bosiu.
-
“Kgele, ke dinaledi tse ngata jwang, ebile di benya jwaloka ditaemane!” ho kgotsa Naka.
3
A re, “Ngwedi e benya hobane e bontsha kganya ya letsatsi. Ha ngwedi e tletse, ekare e kgantshiste.”
4
Nala a dumela, “Ngwedi e potoloha lefatshe. Ka nako engwe re bona karolo ya ngwedi e tshwanang le panana e kganya.”
5
O tswela pele. “Ngwedi e tletseng e tshwana le bolo ya maoto. Ha kgwedi e ntse e ya, re bona halofo ya ngwedi ho fihlela e nka setshwantsho sa panana.”
6
Ka boitshepo Naka are, “Ke tsebile! Ke tsebile le hore ngwedi e potoloha lefatshe, mme di le pedi di potoloha letsatsi.”
7
Nala a bososela, “Na o a tseba hore letsatsi ke naledi?”
-
A tlatsa, “Letsatsi ke naledi e kgolo digaseng tse tukang, tse etsang kganya le motjheso.”
8
Naka a elellwa, “Ka ntle ho mabone a toropo, re kgona ho bona lehodimo bosiu hantle. Sepakapaka se qala hodima lelwapi la moya le potapotileng lefatshe, empa sepakapaka se fella kae?”
9
Nala a bososela, “Re tla ba borasepakapaka, re tsamaye ka sepeisishipi se lebelo. Re tla feta dipolanete le dinaledi tse hole. Ebe re tla tseba moo sepakapaka se fellang teng.”
10

Dipotso


  1. Pale ena e bua ka bo mang? Ba etsang?
  2. Ngwedi e tletseng ke eng? Ako e take.
  3. Ngwedi e nyoloha kae?
  4. Ke naledi efe e haufi le lefatshe?
  5. Hona le dipolanete tse robedi. Bolela mabitso a tsona.
  6. Taka sethwantso sa letsatsi le dipolanete.
11
Your attribution should include the following:
Title: Naka le Nala ba bua ka lefaufau
Author/s: Refilwe Ramagoshi
Translator/s: Mathapelo Morake
Illustrator/s: Busisiwe Ndlovu
Assurer/s: Nthabiseng Tsatsi
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator