Kwena le Tshwene e ne e le metswalle
Ntombikayise Malaza
Sibusiso Khumalo
Kwena le Api e ne e le metswalle ya hlooho ya kgomo.
-
Kwena e ne e dula ka hara noka.
-
Api yona e ne e dula sefateng pela noka.
1
Kwena e ne e ja ditlhapi tse nokeng.
-
Api yona e ne e ja ditholwana tsa sefate.
2
Ngwana wa Kwena a kula haholo.
-
Nkgono wa Kwena a mmolella a re, “Ke sebete sa Api feela se ka fodisang ngwana wa hao.”
3
Kwena a memela Api ntlong ya hae nokeng, mme kwena ya ithaopa hore e tla mo jara mokokotlong wa yona.
4
Ha Kwena e ntse a sesa, ya bolella Api ka ngwana yona a kulang.
-
“Ke sebete sa Api feela se tla mo fodisa,” Kwena a rialo a hloname.
5
“O ka be o mpolelletse pele re tloha!” ke Api yeo.
-
“Ke sia sebete sa ka sefateng, ha re kgutle re ilo se lata.”
6
Kwena ya sesetsa lebopong la noka.
-
Api ya theoha mokokotlong ya tlolela sefateng.
-
Kwena ya mo emela.
7
Kwena ya ema nako e telele, empa Api ya se ke ya kgutla.
8
Your attribution should include the following:
Title: Kwena le Tshwene e ne e le metswalle
Author/s: Ntombikayise Malaza
Translator/s: Maria Vaz
Illustrator/s: Sibusiso Khumalo
Assurer/s: Nthabiseng Tsatsi, Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator