Tsakani le dipopo tsa patsi
Hlongwani Hlongwani
Tebogo Matshana
Tsakani le dipopo tsa patsi

Nthabiseng Tsatsi
Tebogo Matshana
Kgale kgale, motseng o dithaba wa Mbhokota, ho ne ho dula ngwanaynana ya bitswang Tsakani.
-
Tsakani o ne a sena metswalle, ke ka hoo a dulang a hlorile.
-
O ile a batla ngwana yeo a ka bopang dibapadiswa tsa letsopa le yena, ho bopa dipitsa, dikopi, le dikgomo. Ho ne ho se yeo a ka bapalang le yena.
1
Nkgono elellwa hona a nahana, “Tsakani o bapala ka majwe tsatsi le leng le le leng. Hona ha ho a loka. Ke tla etsa leqheka.”
-
Nkgono ne a tseba ho betla patsi. O ne a tseba ho etsa diemahale tsa ditlou tse kgolo, diemahale tsa batho ba tummeng.
-
Nkgono o ne a betlile diemahale tsa ntho e nngwe le enngwe ya e nahanang.
2
Ha Tsakani a ntse a bapala ka majwe, Nkgono o ne a ntse a betla popo ya patsi.
-
Popo ya patsi e ne e kgona ho dula le ho tsamaya ha feela e le pela Tsakani.
-
“Nkgono, o kokonono,” ho rialo Tsakani ha a bona popo.
3
Nkgono a siya Tsakani le popo ya patsi a tsamaya.
-
Tsakani o ne a thabile a bapala ka popo ya patsi. Empa ka pele pele a be a se a hlorile hape.
-
Popo e ne e kgona feela ho dula le ho tsamaya. Ho ne ho se yeo a ka buang le yena.
4
Yaba Nkgono o betla popo enngwe e tla tseba ho tsamaya, ho dula le ho bua.
-
Tsakani o ne a hlolletswe. O bile a tjeka motjeko wa tlholo. A re, “Nkgono o kokonono, ke thabile haholo.”
-
Ba bapala mmoho ho fihlela tsatsi le dikela.
5
Empa popo ya patsi e ne e sa kgone ho tjeka, ha Tsakani yena a rata motjeko.
-
O ne a rata motjeko wa thabo, wa tlholo le xibelani.
-
O ne a batla ho tsoka letheka feela a se mong, a ena le motswalle wa hae wa patsi. Ho ne ho se yeo a ka tjekang le yena.
6
Nkgono o ne a ka bopa eng kapa eng ka letsopa le patsi.
-
A betla popo enngwe e ntle ka patsi, e rwetseng difaha, ebile e apere xibelani.
-
Popo ya patsi e ne e kgabile ka mebala. Ene e kgona ho tsamaya, ho dula, ho bua le ho tjeka.
7
Popo le Tsakani ba mamela dipina, ba tjeka mmoho.
-
Ho tloha tsatsing leo, ha a se sekolong, Tsakani o ne a bapala le dipopo tsa patsi tseo a di etseditsweng ke Nkgono.
-
Tsakani o ne a se a sa hlore ho hang.
8
Ha Nkgono a elellwa ka moo Tsakani a thabileng ka teng, a betlela ngwana e mong le e mong motseng moo popo ya patsi.
-
A betla le diemahale tsa patsi bakeng sa mokgabiso.
-
Lefatshe lohle la bona mosebetsi o motle wa diatla tsa Nkgono.
9
Your attribution should include the following:
Title: Tsakani le dipopo tsa patsi
Author/s: Hlongwani Hlongwani
Translator/s: Nthabiseng Tsatsi
Illustrator/s: Tebogo Matshana
Assurer/s: Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator