Tebello Nyokong, Rasaense ya phekolang kankere
Nomsa Angelina De Wee
Simon Mokoena



Buka ena ke ka ditaba tsa Tebello Nyokong.
-
Ke Rasaense ya MoAfrika Borwa e bohlokwa.
1
Tebello o hodisitswe ke nkgono le ntate moholo wa hae Lesotho. Nkgono le ntate moholo wa hae ba ile ba mohodisa hantle.
-
Letsatsi le leng o ne a eya naheng ho ya hlokomela dinku, letsatsi le latelang a eya sekolong. O ne a kena sekolo ka tsela yeo.
2
Ha Tebello a ne a hlokometse dinku, a bona hore ho na le diphoofolo tse ding le dimela.
-
Tebello o ne a hlile a rata ho sheba dintho ka hloko. O ne a tsotella dintho tse mopotapotileng.
-
Tebello o ile a holela mahaeng, sena se morutile ka tsa tlhao.
3
Tebello o ne a rata ho ithuta Saense sekolong.
-
Ba mobolella hore a se leke hohang. Ba re Saense e thata hape ke thuto ya bashanyana eseng banana.
-
Pele o qadile a ba mamela. Metswalle ya hae sekolong e ne e etsa tsa Bonono le Botjhaba.
-
O ne a batla ho etsa thuto e fapaneng.
4
Tebello o ratile ho ithutela Saense. O ne a tseba hore Saense e ke se e mohlole.
-
Tebello o ile a kopa ho ithutela Saense, qetellong ba modumella hore a e etse.
-
A qala ho ithuta Saense dilemo tse pedi pele a qeta sekolo!
5
Tebello a sebetsa ka thata, ho fumana bana ba bang bao esaleng ba ithutela Saense.
-
Bohlale le ho rata ho bala dibuka, ho ile hwa mothusa hore a kene university tse ngata.
-
Tebello o kene university tse ngata.
-
A ithuta dintho tsohle dilemong tse pedi empa a pasa!
6
Tebello o ne a rata Chemistry haholo. Chemistry ke karolo engwe ya Saense.
-
O ne a tseba hore o batla hoya University hoya ithuta Chemistry.
-
A hla a bala dibuka tsa hae.
7
Tebello aya University ya Lesotho. O ile University kamora ho pasa hantle sekolong.
-
E ne e le moithutwana ya bohlale a bile a sebetsa ka thata haholo. O ne a qeta nako e ngata ya hae ka laboratoring ya Saense.
-
O ile a atleha hofumana scholarship sa hoya ithuta Canada.
8
Tebello o ne a rata ho ithuta ka Saense, empa o ne a kgenne ha a ne a siya ba lelapa le metswalle ya hae Afrika.
-
O ile a siya naha ya habo hobane o ne a batla hoba setsebi se seholo sa Saense.
9
Tebello a kopana le metswalle e metjha Canada. Ba ne ba bua puo e fapaneng, empa Sekgowa sa ba thusa ho buisana. Canada teng, lehlwa le lengata dibakeng tsa bodulo jwalo ka dithabeng tsa Lesotho.
-
Ha lelwa le leteng dithabeng tsa Lesotho, batho ba apara dikobo. Haele Canada batho ba apara dijase. Tebello a fumana sekolashipi sa ho ithutela Saense.
10
Ho ile hwa latela University ya Amerika.
-
Kamora dilemo lemo tsa ho ithuta, Tebello a kgutlela hae Afrika Borwa. O ne a batla ho fana ka tsebo ya hae ho batho ba habo.
-
Tebello o ne a dumela hore ha ho letho le ka mohlolang.
11
Kajeno, Tebello ke Moporofesa wa Saense. O ruta Universithing, hape o na le laboratori ya hae ya Saense.
-
Moporofesa Nyokong o e ntse dipatlisiso tse ntjha tsa ho thusa batho ka lefu le lebe la kankere. O thusa le ba ithutelang Saense.
-
Moporofesa Nyokong, o thusa batho haholoholo batho ba Afrika.
12
Mosebetsi wa hae o e ketsa tsebo ya Saense, ho thuseng batho ho hlola mafu ana a kotsi.
-
Bophelo ba hae bo bontsha bohlokwa ba ho dumela ho wena le ho se lahle tshepo.
-
Moporofesa Tebello Nyokong o thusa MaAfrika.
13

Dipotso


  1. Fana ka mabitso a dinaha tse tharo tseo Tebello a neng a ithuta ho tsona. Difumane mmapeng wa lefatshe.
  2. Jwalo ka ngwana, naa Tebello o ne a e la hloko dintho tse mopotapotileng? O tseba jwang?
  3. Hobaneng ba ne ba re Tebello a se ithutele Saense? O dumellana le bona?
14

Lenane la dibuka tse letotong lena


  • Andile Mji
  • Asnath Mahapa
  • Bongani Mayosi
  • Charlotte Maxeke
  • Mmantsane Moche Diale
  • Mulalo Doyoyo
  • Tebello Nyokong
  • Tshilidzi Marwala
15


Pale ena e hlahisitswe yaba ya ngolwa ka Sesotho ele karolo ya ho bala ya Zenex Ulwazi Lewethu project ya 2020.
16
Your attribution should include the following:
Title: Tebello Nyokong, Rasaense ya phekolang kankere
Author/s: Nomsa Angelina De Wee
Illustrator/s: Simon Mokoena
Assurer/s: Refilwe Ramogosi, Mathapelo Morake
Language: Sesotho (South Africa)

© Zenex Foundation - Saide 2024

CC BY includes the following elements:
 BY   – Credit must be given to the creator