Bana Ba Entsoeng Ka Kerese
Southern African Folktale
Wiehan de Jager

Khale khale hone ho ena le lelapa le leng le lula le thabile.

1

Bana ba lelapa leo, bane ba sa rate ho loana ba lula ha 'moho. Ba thusa batsoali babona hae le masimong.

2

Empa bane basa lumelloe ho atamela pela mollo.

3

Ka hore batla qhibilia, bane ba etsa mosebetsi oa bona bosiu feela.

4

Hobane ene ele batho ba entsoeng ka likerese.

5

Eaba e mong oa bashanyana bao, o batla ho tsoela kantle ele kannete hoea letsatsing.

6

Ka letsatsi le leng, o ne a sa khone ho ithiba hoo-hang. Eaba baholoane ba hae ba mo hlokomela.

7

Empa nako e ne e se eile. Eaba o oa qhibilia letsatsing.

8

Eaba baholoane ba hae ba utloa bohloko hobane ngoana oa bo bona a qhibilihile ke letsatsi.

9

Empa ba ba le leqheka. Ba etsa nonyana ka kholu eno ea ngoana bobona ea qhibilisitsoeng ke letsatsi.

10

Ba nka ngoanabo bona eo e seng ele nonyana, ho mo isa holimá thaba.

11

Eare letsatsi ha le hlaha, a fofela holimo a ntse a bina.

12
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Bana Ba Entsoeng Ka Kerese
Author - Southern African Folktale
Translation - Moeketsi Buku
Illustration - Wiehan de Jager
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - First sentences