Matsatsi a phomolo le nkgono
Violet Otieno
Wiehan de Jager

Pule le Morwesi ba ne ba dula toropong le ntata bona.

Ba ne ba ikemiseditse ho ya matsatsing a phomolo. Eseng hobane feela dikolo di ne di kwetswe, empa hobane ba ne ba etela nkgono wa bona. O ne a dula motseng wa ho tshwasa ditlhapi haufi le letsha.

1

Pule le Morwesi ba ne ba thabile haholo hobane e ne e le nako ya ho etela nkgono wa bona hape. Bosiu bo fetileng, ba ne ba ile ba pakela mekotlana ya bona mme ba itokisetsa leeto le le lelele ho ya motseng. Ha ba a ka ba kgona ho robala mme ba bua bosiu bohle ka matsatsi a phomolo.

2

Hoseng ha tsatsi le latelang, ba tloha ho ya motseng ka koloi ya ntata bona. Ba feta dithaba, diphoofolo tse hlaha le masimo a teye. Ba ne ba bala dikoloi mme ba bina dipina.

3

Ka mora nakwana, bana ba ne ba kgathetse mme ba tshwarwa ke boroko.

4

Ntata bona o ile a tsosa Pule le Morwesi ha ba fihla motseng. Ba ile ba fumana nkgono wa bona, Mmaletsatsi a phomotse mosemeng tlasa sefate.

Mmaletsatsi ka puo ya bona e bolela 'moradi wa letsatsi'. E ne le le mosadi ya matla a bile a le motle.

5

Nkgono Mmaletsatsi o ile a ba amohela ka tlung ebile a tjeka ka phaposing ke thabo. Ditloholo tsa hae di ne di thabetse ho mo fa dimpho tseo ba di rekileng toropong. "Bula mpho ya ka pele," ha rialo Pule.

"Tjhe, mpho ya ka pele!" ha rialo Morwesi.

6

Ha a qeta ho bula dimpho, nkgono Mmaletsatsi a hlohonolofatsa ditloholo tsa hae ka tsela ya setso.

7

Pule le Morwesi ba ile ba tswela ka ntle.

Ba ne ba lelekisa dirurubele le dinonyana.

8

Ba ne ba hlwella difate ba bile ba sesa hamonate.

9

Ha e ba bosiu ba ile ba kgutlela ntlong ho ja dijo tsa mantsiboya. Pele ba qeta ho ja, ba ile ba kgaleha!

10

Tsatsi le latelang, ntata bona o ile a kgutlela toropong a siya bana le nkgono Mmaletsatsi.

11

Pule le Morwesi ba ne ba thusa nkgono wa bona ka mesebetsi ya hae.

Ba ne ba lata metsi le patsi. Ba ne ba nka mahe dihokong tsa dikgoho mme ba kga meroho tshimong.

12

Nkgono Mmaletsatsi o ne a ruta ditloholo tsa hae ho pheha papa e bonolo e jewang ka setjhu. O ile a ba bontsha hore na reisi ya khokhonate e phehwa jwang ho e ja ka tlhapi e hadikilweng.

13

Hoseng, Pule a isa dikgomo tsa nkgono wa hae ho ya di fudisa. Tsa mathela ka polasing ya moahisane. Rapolasi o ne a halefetse Pule. O ile a tshosa ka hore o tla tshwara dikgomo tseo hoba di jele dijalo tsa hae. Ka mora letsatsi, moshanyana o ile a netefatsa hore dikgomo ha di kene mathateng hape.

14

Ka tsatsi le leng, bana ba ile ba ya mmarakeng le nkgono Mmaletsatsi. O ne a na le sebaka sa ho rekisetsa meroho, tswekere le sesepa.

Morwesi o ne a rata ho bolella bareki ka theko ya tse rekiswang. Pule o ne a pakela dintho tseo bareki ba di rekileng.

15

Qetellong ba ile ba nwa teye mmoho. Ba ile ba thusa nkgono ho bala tjhelete eo a e fumaneng.

16

Empa ho so ye kae ke ha matsatsi a phomolo a se a fedile mme bana ba se ba lokela ho kgutlela toropong.

Nkgono Mmaletsatsi o ile a fa Pule kepisi mme a fa Morwesi swetara. O ile a ba pakella dijo bakeng la leeto la bona.

17

Ha ntata bona a fihla ho tla ba lata, ba ne ba sa batle ho tsamaya. Bana ba ile ba kopa kgono Mmaletsatsi hore a tsamaye le bona ho ya toropong.

O ile a bososela mme a re, "Ke se ke tsofetse ho ka ya toropong. Ke tla le emela hore le nketele motseng hape."

18

Pule le Morwesi ba ile ba mo aka mme ba mo sadisa hantle.

19

Ha Pule le Morwesi ba kgutlela sekolong ba ile ba bolella metswalle ya bona ka bophelo ba motseng. Bana ba bang ba ne ba utlwa hore bophelo ba toropong bo monate. Ba bang ba utlwa hore ba motseng bo monate haholo. Empa ka ho fetisisa, bohle ba dumellana hore Pule le Morwesi ba bile le nako e monate le nkgono wa bona.

20
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Matsatsi a phomolo le nkgono
Author - Violet Otieno
Translation - Tseliso Masolane
Illustration - Wiehan de Jager
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs