Khalai O Bua Le Dimela
Ursula Nafula
Jesse Pietersen

Enwa ke Khalai. O dilemo di supileng. Lebitso la hae le bolela 'ya lokileng' ka puo ya habo, Lubukusu.

1

Khalai o a tsoha mme o bua le sefate sa dilamunu. "Ka kopo sefate sa dilamunu, hola o be moholo mme o re fe dilamunu tse ngata."

2

Khalai  o tsamaya ka maoto ho ya sekolong. Tseleng o bua le jwang. "Ka kopo jwang, hola o be motalana mme o se ke wa omella."

3

Khalai o feta dipalesa tse hlaha. "Ka kopo dipalesa, dulang le thuntse hore ke le kenye moriring wa ka."

4

Sekolong,  Khalai o bua le sefate se bohareng ba lebala la sekolo. "Ka kopo sefate,  phukalatsa makala a maholo hore re kgone ho balla tlasa moriti wa hao."

5

Khalaio bua le difatjana tse kampetseng sekolo. "Ka kopo holang le be matla mme le thibele batho ba babe ho kena."

6

Ha Khalai a kgutlela hae ho tswa sekolong, a tjhakela sefate sa dilamunu. "Ebe dilamunu tsa hao di se di butswitse?" ho botsa  Khalai.

7

"Dilamunu di sa le tala," ho kgotsa Khalai. "Ke tla o bona hosane sefate sa dilamunu," ho rialo Khalai. "Mohlomong ka nako eo o tla be o se o na le dilamunu tse butswitseng!"

8
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Khalai O Bua Le Dimela
Author - Ursula Nafula
Translation - Tseliso Masolane
Illustration - Jesse Pietersen
Language - Sesotho (South Africa)
Level - First paragraphs