Nozibele le qobo tse tharo
Tessa Welch
Wiehan de Jager

Khale khale hone hona le banana ba bararo baile baea patsing.

Ea re ha base ba ralletse bae tlama hantle keli hlopha eaba baea e roala lihloohong.

1

Hone ho chesa haholo ka tsatsileno, eaba ba khetha hoea tlase nokeng hoea tola. Ha ba fihla moo nokeng eaba ba rola patsi bae beha fats'e, ba hlobola mese ea bona ba qhomela kahare ho metsi eaba baea tola.

2

Balebala nako. Hang hang haba hlokomela hore nako ese eile. Batsamaea ka pele ho potlakela motseng.

3

Eaba Nozibele o beha letsoho la hae molaleng eaba o fumana hore o lebetse sefaha sa hae sa molaleng.

Nozibele a ba kopa bakhotsinyana bahae ho khutlela morao lebona empa ba hana.

4

Joale eaba Nozibele o khutlela nokeng a lemong, eaba ha a fihla moo nokeng lefikeng leo, a sefumana sefaha sa hae sa molaleng. Ene e se ele bosiu. Nozibele a tsameisa kapele ho potlakela hae motseng. Empa ka bomalimabe oile a lahleha hobane hone hose hole lefifi.

5

La hoqetela Nozibele a qetelletse a bonela khanya hojana le ene. Eaba o potlakela ho khanya eeno ea e boneng, eaba ha a temela a fumana hore ke motlotloana. Ene e le motlotlana o monyane. Nozibele a kokota. Koko, koko, koko!

6

Ntja ea bula lemati. Ene e le motlotloana oa ntja. Nozibele kemoo a ileng a qala hots'ooa eaba ntja ena ere hoena, "O batla eng moo?" Nozibele a re, "Ke lahlehile, kahona, ke kopa poleke." "Kena," ho rialo ntja.

"Esale e lenna hakeso iphumane kele kahare hontlo ea ntja," horialo Nozibele. Ntja eare, "Kena katlung, kapa ke tloa ke o loma!" Eaba Nozibele o kena katluo.

7

Eaba ntja ere, "Mphehele!" "Ha keso phehele ntja lijo nna," horialo Nozibele.

"Mphehele, hotloha mono ketla o loma!" horialo ntja. Eaba Nozibele o phehela ntja eno lijo.

8

"Nketsetse liphate mona ongalle!" Nozibele a araba a re, "Hakeso etsetse a ntja liphate nna."

"Nketsetse liphate mona hotloha mona ketla o loma!" horialo ntja. Eaba Nozibele o e etsetse liphate.

9

Eaba ntja ere ho ena, "Tsatsi le leng le leng o tsoanela hore onfihelle, o mphehelele o bo onhlatsoetse."

Kaleleng la matsatsi eaba ntja e re, "Nozibele ketlameha ho chakele metsoalle eaka. Fihela ntlo, o phehe lijo hape obo hlatsoe lintho tseno tsaka pele ke khutla."

10

Kamora nakoana ha ntja e qeta hotsamaea eaba Nozibele o anka qoba tse tharo tsa moriri hotsoa hlohong ea hae.

A nka qoba elengoe a e beha kamora lemati. Eaba o nka engoe aebeha kahare ho lesaka. Eaba o ea matha hobaleha, a matha a ba a mathe ho balehela motseng hae.

11

Kamorao hang hore Nozibele a tsamae eaba ntja e ea fihla ho khutlela ha eona motlotloaneng. Ea qamaka holeka hosheba Nozibele. Empa ea seke ea mothola. Ea mobitsa ea re, "Nozibele o hokae?"

"Ke nna enoa tlase bethe," horialo qoba ea pele. Eaba ntja e ea shaba tlasa bethe, eaba ha e fumane. Ea holehetsa haholo eare, "Nozibele o hokae?"

12

Eaba qoba ere, "Ke nna enoa kamora lemati." Eaba ntja ena e ea sheba kamora lemati, empa ha e fumane Nozibele.

Ntja ena ene e koatile haholo. Ea hobule haholoholo, eare, "Nozibele o hokae?" "Eare 'ke nna enoa ka sakeng." Eaba ntja eea ka sakeng hoea mosheba. Empa ea se mofumane.

13

Eba ntja ena eahla ea tseba hore fela Nozibele o moqhekelletse. Ntja ena eea koata haholo. Ntja ena ea matha, ea matha, ea matha ea hla ea matha tsela ena kaofela hoea motseng mono hoea sheba Nozibele.

Banna ba motse o on bane ba eme mono ba tsoere melami ea bona. Eitse hantja ena e ba bona banna bana batsoere melami ea bona, ea tjeka ho khutlela morao. Letsatsing lena haeso mofumane. Ke qetello ea moqoko.

14
You are free to download, copy, translate or adapt this story and use the illustrations as long as you attribute in the following way:
Nozibele le qobo tse tharo
Author - Tessa Welch
Translation - Khothatso Ranoosi, Marion Drew
Illustration - Wiehan de Jager
Language - Sesotho (Lesotho)
Level - Read aloud