Khale khale hone ho ena le lelapa leleng le lula le thabile.
Bana ba lelapa leo, bane basa rate ho loana. Ba thusa batsoali babona hae le masimong.
Empa bane basa lumelloe ho atamela pela mollo.
Bane ba etsa mosebetsi oa bona fela bosiu.
Hobane ene ele batho ba entsoeng ka likerese.
Eaba e mong oa bashanyana bao, a khetha ho tsoela kantle hoea letsatsing.
Ka letsatsi le leng, hlolohelo ea hae ene ele e matla haholo. Bo abuti ba hae bae molemosa.
Empa nako ene ese efelile! A qhilibiha ke mocheso oa letsatsi.
bana ba likerese ba koata haholo hobona abuti oa bona a qhilibiha.
Empa ba ba le morero o mong. Ba etsa nonyana ka kholu eno ea abuti oa bona ea qhilibisitsoeng ke letsatsi.
Bonka nonyana eno baisa holima thabeng.
Eare letsatsi ha lechaba, ea fofela hoseng hoa mahlaseli a letsatsi, entse e bina.